Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka la bobedi, dihlooho tsa matlo a bontata setjhaba kaofela, le baprista, le Balevi, ba phuthehela ho Esdrase, mongodi, ho tla mamela hlaloso ya mantswe a molao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka letsatsi la bobedi dihlooho tsa malapa wohle a setjhaba, le baprista, le Balevi, ba kgobokanela ho Esera, eo e neng e le setsebi sa Molao, hore ba yo ithuta se bolelwang ke Molao.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:13
13 Referencias Cruzadas  

Phutheho yohle ya rera morero wa ho etsa mokete ka ditshiu tse ding tse supileng; mme ba o etsa ka tshiu tseo tse supileng ka thabo.


Yaba setjhaba kaofela se tloha ho ya ja le ho nwa, le ho romela ba bang diabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utlwisitse mantswe ao ba a boleletsweng.


Ba fumana ho ngodilwe molaong oo Jehova a o laetseng ka Moshe, hore bana ba Iseraele ba tshwanetse ho aha metlotlwaneng ka mokete wa kgwedi ya bosupa,


Ya ratang tayo o rata tsebo; haele ya hloileng kgalemelo, ke sethoto.


Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?


Eitse hobane ba tswe sinagogeng ya Bajuda, baditjhaba ba rapela hore, ka Sabatha e tlang, ba bolellwe ditaba tseo le bona.


Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos