Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba setjhaba kaofela se tloha ho ya ja le ho nwa, le ho romela ba bang diabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utlwisitse mantswe ao ba a boleletsweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yaba setjhaba sohle se a itsamaela; sa ya ja, sa ya nwa, sa abela ba hlokang. Sa nyakalla haholo, hobane se ne se utliwsisitse seo se se boleletsweng.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:12
25 Referencias Cruzadas  

Ba eja, ba enwa pela Jehova tsatsing lona leo ka thabo e kgolo; ba boela ba bea Salomone, mora Davida, morena la bobedi, ba mo tlotsa pela Jehova, hore e be motsamaisi wa setjhaba, mme Tsadoke a bewa moprista.


Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.


Kahoo, Balevi ba kgutsisa setjhaba kaofela, ba re: Tholang, hobane tsatsi lena ke le kgethehileng; le se ke la itlhomodisa.


Ka la bobedi, dihlooho tsa matlo a bontata setjhaba kaofela, le baprista, le Balevi, ba phuthehela ho Esdrase, mongodi, ho tla mamela hlaloso ya mantswe a molao.


ka ho re, ke ka matsatsi ao Bajuda ba boneng phomolo ho dira tsa bona, hape ke ka kgwedi eo maswabi a bona a fetohileng thabo, le bofifi ba bona bo fetohileng mokete; ha thwe, ba a etse matsatsi a mokete le a thabo ao ho romelanwang dimpho, ao hape ho phomosetswang mafutsana ka wona.


Melao ya melomo ya wona ha ke a ka ka e fapoha; ke bolokile ditaba tsa molomo wa wona sefubeng sa ka.


Ke inketse dikeletso tsa hao, e be lefa la ka ka ho sa yeng kae, hobane di thabisa pelo ya ka.


Ka baka leo, ke rata ditaelo tsa hao ho fetisa kgauta, le kgauta e tshekehileng.


Tshenolo ya mantswe a hao e a edisa, e nea dithoto kutlwisiso.


Ke ithabela tseleng ya dikeletso tsa hao, jwaloka hoja eka ke ruile maruo kaofela.


Ke ithabisa ka dikomelo tsa hao, ha ke lebale lentswe la hao.


Melomo ya ka a e ke e tswe thoko, hobane o nthuta dikomelo tsa hao.


Jehvoa, ke hlolohetswe poloko ya hao, mme molao wa hao ke dithabiso tsa ka.


Molao o tswileng molomong wa hao ho nna o fetisa dikete tsa ditjhelete tsa kgauta le silefera.


MEM. Molao wa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.


Mantswe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse wona; mantswe a hao ho nna e bile thabo le nyakallo pelong ya ka, hobane ho rapetswe lebitso la hao hodima ka, Jehova, Modimo wa makhotla.


Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?


Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.


Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thabela lefu la tsona, ba nyakalle, ba be ba isetsane dimpho, kahobane baporofeta ba babedi bao ba ne ba kgathaditse ba ahileng lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos