Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka tswa bosiu ka monyako wa Sekgutlo, ka leba nqa sedibeng sa Drakone le nqa monyako wa Moitedi; ka qamaka marako a Jerusalema kamoo a leng dikgeo kateng, le mamati a teng kamoo a dutseng a tjhele kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ka tswa hara bosiu jwalo, ka feta Monyakong o ka Kgohlong, ka feta le Sedibeng sa Kganyapa, ka fihla Monyakong wa Thotobolo. Ka hlahloba marako a Jerusalema a heleditsweng, le mamati a wona a tjhesitsweng.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:13
9 Referencias Cruzadas  

Hape, Osiase a haha ditora Jerusalema monyakong wa Kou le monyakong wa Kgohlo, le moo lerako le kgutlang teng, mme a di tiisa.


ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.


Yaba ke hlwesetsa dihlooho tsa Juda hodima lerako, ka bea dihlopha tse pedi tse kgolo tse binang, di eme ka ho koloka; se seng sa tsamaya hodima lerako nqa ho le letona, se lebile monyakong wa Moitedi;


Ka ntoo tloha bosiu ke ena le batho ba seng bakae, hobane ke ne ke sa ka ka bolella motho seo Modimo wa ka o se beileng pelong ya ka hore ke se etsetse Jerusalema; hape ho ne ho se pelesa e nngwe ho nna haese pelesa eo ke neng ke e palamile.


Hape, bosiung bona boo, ka nyolosa molapo, ke ntse ke qamaka lerako, ka ntoo kgutla, ka kena ka monyako wa Sekgutlo; ka boya jwalo.


Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.


Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?


Hlwellang marakong a hae, le ripitle, empa e se be ho a fedisetsa ruri; fotholang merara ya hae, hobane hase ya Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos