Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka ntoo tloha bosiu ke ena le batho ba seng bakae, hobane ke ne ke sa ka ka bolella motho seo Modimo wa ka o se beileng pelong ya ka hore ke se etsetse Jerusalema; hape ho ne ho se pelesa e nngwe ho nna haese pelesa eo ke neng ke e palamile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka tsoha hara bosiu ke ena le banna ba mmalwana. Ka se ke ka bolella motho, seo Modimo wa ka a itseng ke tlo se etsetsa motse wa Jerusalema. Ho ne ho se na phoofolo le e nngwe, haese eo ke neng ke e palame.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:12
20 Referencias Cruzadas  

Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


Ka fihla Jerusalema, mme ka dula tshiu tse tharo.


Ka tswa bosiu ka monyako wa Sekgutlo, ka leba nqa sedibeng sa Drakone le nqa monyako wa Moitedi; ka qamaka marako a Jerusalema kamoo a leng dikgeo kateng, le mamati a teng kamoo a dutseng a tjhele kateng.


Rapellang kgotso ya Jerusalema! Ho atlehe ba o ratang!


Leratong la hao o hlohonolofatse Sione; o hahe marako a Jerusalema!


Ya masene o ipolokela tsebo; empa pelo tsa mawatla di tumisa bohlanya ba wona.


nako e teng ya ho hahola, e teng nako le ya ho roka; nako e teng ya ho kgutsa, e teng nako le ya ho bua;


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.


Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe.


Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Yaba Josefa o tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a fallela Egepeta.


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


Joshua a fihla ho bona, a ba tsometsa a tsamaile bosiu bohle, haesale a tloha Gilgale.


Hobane Modimo o kentse dipelong tsa bona ho phetha morero wa wona, le ho dumellana, le ho neela sebata mebuso ya bona, dipolelo tsa Modimo di tle di be di phethehe.


Yaba Gideone o nka batho ba leshome ba bahlanka ba hae, a etsa kamoo Jehova a mmoleletseng kateng; mme kahobane a ne a tshaba ba ntlo ya ntatae, le batho ba motse, a etsa bosiu, e seng motshehare.


Ha ho le jwalo, tsoha bosiu, wena le batho bao o nang le bona, mme o lalle naheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos