Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mehleng eo hape, ka bona hobane Bajuda ba bang ba nyetse basadi ba Baashdode, ba Baammone, le ba Bamoabe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Mehleng yona eo, ka bona Bajuda ba nyetseng basadi ba Ashedode, le ba Baamone, le ba Bamoabe.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:23
16 Referencias Cruzadas  

Ha ho sa balwe moradi wa Faro, morena Salomone a boela a rata basadi ba bangata ba ditjhaba, basadi ba Bamoabe, le Baammone, le Baedomo, le Basidone, le Bahethe;


Yaba moprista Esdrase o ema, a re ho bona: Le ikgantshitse ka ho nyala basadi basele, mme kahoo le ekeditse molato wa Iseraele.


Bao kaofela ba ne ba nkile basadi basele, mme ba bang ho bona ba ne ba bile ba tswaletswe bana ke basadi bao.


ra itlama hore ha re ka ke ra neela baditjhaba ba lefatshe leo baradi ba rona, leha e le ho nkela bara ba rona baradi ba bona.


Hape ra re, leha baditjhaba ba lefatshe leo ba ka tlisa mesebetsi le dikoro tsa mefuta yohle ka tsatsi la Sabatha, ho rekisa ka tsona, ha re ka ke ra reka ho bona ka tsatsi la Sabatha, leha e le ka matsatsi a mang a kgethehileng; mme re tla nne re etse teselo ka selemo sa bosupa, ka ho lesella e mong le e mong molato wa hae.


Motsotsong oo, ha balwa bukeng ya Moshe, setjhaba se mametse; ha fumanwa ho ngodilwe hore Moammone le Momoabe ba ke ke ba kena phuthehong ya Modimo le ka mohla o le mong;


Bana ba bona, ka nqa e nngwe, ba ne ba bua puo ya Ashdode, ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda, ba bua puo ya setjhaba se itseng, kapa se itseng.


Re ka le dumella jwang hore le etse bobe bo bokalo, mme le halefise Modimo wa rona ka ho nyala basadi ba baditjhaba?


Eitse ha Sanballate, le Tobia, le Baarabe, le Baammone, le Baashdode, ba utlwa hobane ho tsoswa ha marako a Jerusalema ho ntse ho tswela pele, le hobane dikgeo di se di batla di thibeha, ba halefa haholo,


Seo ke o laelang sona kajeno o se ele hloko; bona, ke se ke tla leleka pela hao Baamore, le Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bahefe, le Bajebuse.


Se sikareng joko e le nngwe le ba sa dumelang; hobane kopano ke efe ya ho loka le bokgopo? Kapa lesedi le na le kopano efe le lefifi?


Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,


Bao ba nyala basadi ba Moabe, lebitso la e mong e le Orpa, lebitso la wa bobedi e le Ruthe. Ba dula teng ya batla ho ba dilemo tse leshome.


Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos