Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 13:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Hape, ka bolella Balevi hore ba itlhwekise, mme ba tle ho lebela menyako, hore tsatsi la Sabatha le tle le kgethwe. Oho, Modimo wa ka, nkgopole le tabeng ena, mme o nkgauhele ka boholo ba mohau wa hao!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Ka laela Balevi hore ba itlhwekise, ba tlo lebela menyako, hore letsatsi la Sabatha le nne le halalele. Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona, mme o mpaballe ka baka la boholo ba mohau wa hao.”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 13:22
26 Referencias Cruzadas  

Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.


Baprista ba di hlaba, ba tshollela madi a tsona aletareng, bakeng sa sebe, hore ho etsetswe Baiseraele bohle pheko; hobane morena a ne a laetse hore setjheso le sehlabelo sa sebe di etsetswe Baiseraele bohle.


Esekiase a laela hore ho hlahiswe setjheso aletareng; motsotsong oo setjheso se qadilweng ka wona, ha qaleha le pina ya Jehova hammoho le diterompeta, di thusana le diletsa tsa Davida, morena wa Iseraele.


Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.


Joshua a tswala Jojakime, Jojakime a tswala Eliashibe, Eliashibe a tswala Jojada;


Baprista le Balevi ba itlhwekisa, hape ba hlwekisa setjhaba le menyako le lerako.


Oho, Modimo wa ka, o nkgopole ka baka la tseo, mme o se hlakole diketso tsa borapedi tseo ke di etseditseng ntlo ya Modimo wa ka le ntho tse tshwanetseng ho bolokwa!


ka lokisa le taba ya dinyehelo tsa dipatsi ka dinako tse beilweng, le ya dilopotsiya. Oho, Modimo wa ka, o nkgopole o tle o nketse hantle!


Oho, Modimo wa ka, elellwa tsohle tseo ke di etseditseng setjhaba sena, o nketse hantle ka baka la tsona!


Iseraele, o itshepele Jehova, hobane mohau o teng ho Jehova; topollo e kgolo e teng ho yena.


Empa nna, ka mohau wa hao o moholo, ke kena ka tlung ya hao, ke kgumama ka tshabo tempeleng ya hao e kgethehileng.


Oho Modimo, nkgauhele ka lereko la hao; ka mehauhelo e meholo ya hao o hlakole ditlolo tsa ka!


a re: Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao! Mme Esekiase a lla haholo.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Boloka letsatsi la phomolo ho le kgetha, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos