Moeklesia 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 ke hoba, ereha Modimo o neile motho leruo le menono le kganya, ho fihlela a sa hlokele bophelo ba hae letho leha le le leng la tsohle tseo a ka di lakatsang, Modimo ha o mo nee sebaka sa ho ja letho la teng; ke osele ya tla ya. Hoo ke lefeela, hape ke kotsi e bohloko. Ver CapítuloBIBELE2 Modimo o fa motho leruo, matlotlo le tlotla, hoo a sa haellweng ke letho la tseo a di labalabelang, empa Modimo ha a ke a mo fa matla a hore tsena a di je, ebe di jewa ke motho e mong. Hona ke lefeela, ke bobe bo otlang pelo. Ver Capítulo |
Modimo wa re ho Salomone: Erekaha o hopotse jwalo pelong ya hao, o sa ka wa kopa lefumo, leha e le menono, kapa botumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o sa ka wa ikopela leha e le matsatsi a mangata, wa mpa wa ikopela bohlale le kelello, hore o tle o tsebe ho ahlolela setjhaba sa ka seo ke o beileng morena wa sona,
Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.