5 Ya iphuthang matsoho, ya itjang e le yena ke lewatla;
5 Sethoto se phutha matsoho a sona, mme se ipolaye ka bosona.
Ke thusang, leha nka tshwara nama ya ka ka meno a ka, ka fuparela moya wa ka letsohong la ka?
Motho ya molemo o etsetsa moya wa hae molemo; empa ya lonya o itshenya mmele.
Sekgoba se tswafa le ho phallela phoofolo ya sona; empa ntho tse molemo di ruwa ke batho ba kgothetseng.
Pelo ya sekgoba e lakatsa kamehla, leha ho le jwalo, ha se rue letho; empa moya wa sekgothadi o a nona.
Sekgoba ha se leme, hoba se hatsetse; mohla ho kotulwang, se a kopa, empa ha ho letho.
Hela wena, sekgoba towe! o tla robala ho le hokae na? O tla soha neneng borokong ba hao na?
Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.
Ba lobela ka ho le letona, leha ho le jwalo ba shwa ke tlala; ba ja ka ho le letshehadi, empa ha ba ke ba kgora, e mong le e mong o ja nama ya letsoho la hae;