5 Sethoto se phutha matsoho a sona, mme se ipolaye ka bosona.
5 Ya iphuthang matsoho, ya itjang e le yena ke lewatla;
Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile, bophelo ba ka ke bapala diketo ka bona!
Monna ya mohau o iketsetsa tse molemo, athe ya sehloho yena o a itshitelwa.
Sekgoba se kgutla tsholong se itlhophere, athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu.
Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.
Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho.
Wena sekgoba, o tla robala ho fihlela neng? O tla tsoha neng borokong ba hao?
Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa;
Ba ja tse ka tsohong le letona, empa ha ba ke be ba kgore, ba je tse ka ho le letshehadi, le teng ba se ke be ba kgotsofale, motho ka mong a je nama ya tsoho la hae.