Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 e ne e le setjhaba se sengata, o ne a ba busa kaofela; leha ho le jwalo, ba tlang ho tla kamorao, ba ke ke ba mo thabela; hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 4:16
12 Referencias Cruzadas  

Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.


Batho bohle ba mo latela, ba letsa diphala, ba nyakaletse haholo, lefatshe la ba la reketla ke modumo wa bona.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; mme bonang, tsohle ke lefeela, ke mosebetsi o nyopileng.


Empa eitse ha ke tadima mesebetsi yohle eo matsoho a ka a e entseng, mme ke bala mokgathala oo ke ikgathaditseng ka wona ha ke e sebetsa, ka bona hoba tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng; ha ho letho le ka fihlelwang ka tsohle tse etswang tlasa letsatsi.


Ka ba ka ila bophelo ke ho kgathatswa ke mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; ruri tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Ke bone bohle ba phelang, ba tsamayang tlasa letsatsi, ha ba latela mohlankana eo ya tshwanetseng ho hlahlama morena boreneng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos