Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Jwalokaha tsela ya moya o sa e tsebe, kapa popeho ya ngwana ka popelong, o ke ke wa tseba mesebetsi ya Modimo, e leng yena ya entseng tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 11:5
19 Referencias Cruzadas  

Re ke ke ra finyella ho Ya matla wohle; o phahamile ka matla le ka toka, le ka ho loka ho sa kgelosweng.


O ne o le kae, mohla ke theang lefatshe? Bolela, ha o ena le tsebo.


e leng wona o etsang dintho tse kgolo, tse sa fihlelweng, dintho tse makatsang, tse sa balweng.


Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.


Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Mesebetsi ya hao e meholo hakakang, Jehova, mehopolo ya hao e tebile hakakang!


Ke ntho e tenang eo Modimo o e neileng bana ba batho, hore be ikgathatse ka yona.


Moya wona o fokela nqa borwa, o ntoo rapamela nqa leboya; moya o ikela o potapota, o boele o ye ka dipotoloho tsa wona.


Ya elang moya hloko a ke ke a jala, ya tadimang maru a ke ke a kotula.


Ke lemohile mesebetsi eo Modimo o e neileng bana ba batho hore ba ikgathatse ka yona.


O entse tsohle di le ntle nakong ya tsona; o bile o beile lefatshe lohle pela bona hore ba lemohe ditaba tsa lona; leha ho le jwalo, ha ho motho ya utlwisisang mesebetsi e entsweng ke Modimo, ho qala qalong ya yona ho isa qetellong ya yona.


Se bileng teng se hole, hape se tebile, ruri se tebile; ya tla se fihlela ke ha e le mang na?


ka bona hobane, bakeng sa mesebetsi yohle ya Modimo motho a ka sitwa ho utlwisisa mosebetsi le o mong o etswang tlasa letsatsi; leha motho a ka ikgathatsa jwang le jwang, hore a batle hoo, a ke ke a ho fumana; esita leha ya bohlale a ka re, o a tseba, a ke ke a utlwisisa.


Na ha o tsebe, na ha o a ka wa utlwa hobane Jehova ke Modimo wa kamehla yohle, Mmopi wa dipheletso tsa lefatshe? Ha a kgathale, ha a fokole, kelello ya hae ha e lekanngwe.


Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos