Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 11:5 - BIBELE

5 Jwalokaha tsela ya moya o sa e tsebe, kapa popeho ya ngwana ka popelong, o ke ke wa tseba mesebetsi ya Modimo, e leng yena ya entseng tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 11:5
19 Referencias Cruzadas  

Ya Matla wohle re ke ke ra mo fihlela, o re phahametse ka matla le ka dikahlolo, a ke ke be a sokamisa toka ya hae.


“Ha ke rala metheo ya lefatshe o no le kae? Haeba o na le tsebo, ako bolele he!


yena o etsa dikgolo, mafeta-kutliwisiso-ya-motho, o etsa dimakatso, ntlhokapalo ke boiyane.


Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!


Ho lehlohonolo motho ya tshepang, ya beileng tshepo ya hae ho Morena, ya sa kgemeng le baikakasi, le ba kgeloswang ke mashano.


Wena Morena, o nthabisitse ka diketso tsa hao; mesebetsi ya diatla tsa hao ke e etsetsa ditlatse.


Ka ineela ka pelo ya ka yohle ho batla le ho fuputsa ka bohlale, dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Modimo o neile batho mosebetsi ona o boima hore ba o sebetse ka thata.


Moya o fokela borwa, o fokele leboya, o potolohe jwalo, o kgutlele moo o tswang teng.


Ya lebeletseng moya a ke ke a jala, ya tadimileng maru a ke ke a kotula.


Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse.


O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.


Seo se hole, se tebileng hakaalo, ebe ya ka se sibollang ke mang?


mme ka bona le mesebetsi yohle ya Modimo. Ka elellwa hore ha ho motho ya utlwisisang se etsahalang mona lefatsheng. Le hoja motho a leka kahohle ho fuputsa mesebetsi ena, o sitwa ho e fihlela. Leha mohlalefi a ithetsa ka ho re yena o a tseba, empa a ke ke a ba a e utlwisisa.


Na ha le tsebe, kapa ha le eso utlwe? Morena ke Modimo wa kamehla yohle, ke yena Mmopi wa lefatshe lohle. A ke ke a kgathala kapa a tepella, mehopolo ya hae e ke ke be ya fihlelwa.


Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng le moo o yang teng; e mong le e mong ya tswetsweng ke Moya o jwalo.”


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios