Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka ba ka re pelong ya ka: Bona, ke holetse hlalefong, ka tswela pele ho yona ho fetisa motho ofe le ofe ya bileng teng pele Jerusalema, mme pelo ya ka e bone hlalefo le tsebo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Ako bone, ke tumme haholo ka ho hlalefa ho feta bohle ba kileng ba busa motseng wa Jerusalema pele ho nna. Ke na le tsebo e ngata ya bohlale le ya thuto.”

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 1:16
20 Referencias Cruzadas  

Empa ha ke a ka ka dumela, ho fihlela ke ba ke etla, ke bona ka mahlo a ka; bona, ha ke a ka ka bolellwa le halofo; bohlale ba hao le letlotlo la hao di fetisa botumo boo ke bo utlwileng.


Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Botjhabela, le bohlale bohle ba Egepeta.


Bahlanka ba ka ba tla di lata Lebanone, ba di theosetse lewatleng; ke tla di bapisa hammoho, di iswe ka lewatle moo o tla laela, di lokollwe teng; o tla di lata, mme ha o file ba ntlo ya ka dijo, etlaba o phethile seo ke se lakatsang.


Empa Gehasi, mohlanka wa Elisha, monna wa Modimo, a re: Bona, monga ka o hauhetse Naamane, Mosiria eo, kamoo a sa kang a nka letsohong la hae kateng, seo a se tlisitseng; ka Jehova ya utlwang, ke tla mo phallela, ke nke ho hong ho yena.


Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.


Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)


Bosiu ke elellwa dipina tsa ka, ke losa pelong ya ka, mme moya wa ka o a nahana.


Ka ba ka re pelong ya ka: Tloo hle, ke tle ke o leke ka thabo, o latswe boiketlo; empa bonang hoo le hona ke lefeela.


Yaba ke re pelong ya ka: Kotsi e hlahetseng lewatla, le nna e tla ntlhahela; ha ho le jwalo, ho thusang, leha ke mo fetisa ka ho hlalefa? Ka ba ka re pelong ya ka: Hoo le hona ke lefeela.


ka ba motho e moholo, ya ruileng ho ena le mang kapa mang ya bileng teng pele Jerusalema, hape le hlalefo ya ka ya sala ho nna.


Ka ba ka re pelong ya ka: Modimo o tla ahlolela ya lokileng le e mobe, etswe merero yohle le mesebetsi yohle e beetswe nako ya yona.


ya reng: Ke tla ikgahela ntlo e kgolo le dikamore tse sephara: ke phunye difensetere, ke manehe ka kedare, mme ke tshase ka mmala o mofubedu.


yaba morena o a bua, a re: Na hase wona Babilona o moholo, oo ke o hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho wa borena, e be kganya ya boholo ba ka na?


empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos