Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 1:16 - BIBELE

16 Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Ako bone, ke tumme haholo ka ho hlalefa ho feta bohle ba kileng ba busa motseng wa Jerusalema pele ho nna. Ke na le tsebo e ngata ya bohlale le ya thuto.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka ba ka re pelong ya ka: Bona, ke holetse hlalefong, ka tswela pele ho yona ho fetisa motho ofe le ofe ya bileng teng pele Jerusalema, mme pelo ya ka e bone hlalefo le tsebo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 1:16
20 Referencias Cruzadas  

Ke ne ke sa kgolwe ho fihlela ke etla mona, ke ipontsha ka mahlo a ka, empa ruri ba mpoleletse dinyane feela: Bohlale ba hao, le katleho ya hao di feta botumo boo ke bo boleletsweng.


Bohlale ba Solomone bo ne bo feta bohlale ba batho bohle ba Botjhabela, le ba batho bohle ba Egepeta.


Bahlanka ba ka ba tla di theola Lebanone, ba di ise lewatle, mme nna ke tla di tlamahanya, ke di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, di be di yo fihla moo o tla re di iswe teng. Ha di fihla teng di tla tlamollwa, ebe o a di thotha. Wena ha o ka fepa lelapa la ka, ke tla kgotsofala.”


Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”


Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi.


Tsebang hore Morena o etsetsa motshepuwa wa hae tse hlollang, Morena o a mmamela ha ke ipiletsa ho yena.


Ke hopola ditshiu tsa kgale, le dilemo tse ileng ke a di hopola.


Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela.


Jwale ka bua ka pelo, ka re: “Se hlahelang sethoto le nna se tla ntlhahela; ke fumanang ka ho ba bohlale haholo?” Ka bua ka pelo, ka re: “Hona le hona e ntse le lefeela!”


Kahoo ka tuma haholo, ka feta bohle ba bileng teng Jerusalema pele ho nna, mme ka dula ke ntse ke le bohlale.


Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Modimo o tla ahlola ya lokileng le ya kgopo; ntho ka nngwe e na le nako ya yona, ketso ka nngwe e na le nako ya yona.”


Ya reng: ‘Ke tla ikgahela ntlo ya ka e kgolo, e nang le disolloro tse batsi.’ A fela a e etsetsa difesetere, mabota a a manehe mapolanka a dikedare, a ba e dile ka mobu o mofubedu.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Athe dijo tse thata ke tsa batho ba baholo, ba seng ba ithutile ho hlalohanya botle le bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos