Mikea 7:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)17 Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba. Ver CapítuloBIBELE17 Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba. Ver Capítulo |
Ba fetola Joshua, ba re: Ka baka la hobane bahlanka ba hao ba ne ba boleletswe haholo kamoo Jehova, Modimo wa hao, a laetseng mohlanka wa hae Moshe kateng, hore le neelwe lefatshe lohle, mme le timetse pela lona bohle ba ahileng lefatsheng lena; ke kahoo re tshabaneng haholo le bophelo ba rona, ka ho le tshaba, mme ra etsa jwalo.