Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Tloha, wena moahi wa Shafire (botle), o hlobotse, o le dihlong! Moahi wa Tsaanane (ho tswa) ha a sa tswa; dillo tsa Bethe-Haetsele (ntlo ya phomolo) di re hlokisa tshepo ya hore kotsi e ka ema moo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Lona baahi ba Shafire fetang ka tsela, le fete le le feela, le le dihlong. Baahi ba Saanane ba hana ho tswa motseng. Ha le utlwa ba Bete-Esele ba lla, le tle le tsebe hore ha le sa sireleditswe.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 1:11
12 Referencias Cruzadas  

Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.


ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.


Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.


Balehang, le pholose meya ya lona, le be jwaloka ba itlhophereng lefeelleng.


Neang Moabe mapheo, hore a fofe, a tlohe, hobane metse ya hae e tla fediswa, ho be ho hlokwe le moahi ho yona.


ha ho le jwalo, bona, ke tla phutha barati bohle ba hao, bao o ba thabetseng, le bohle bao o ba ratang, hammoho le bohle bao o ba hloileng; ke tla o phuthela bona hohle, ke ba apolele bofeela ba hao, mme ba fela ba tla bona bofeela bohle ba hao.


Ba tla o etsetsa ka hloyo ya bona, ba be ba tlatlape leruo la hao kaofela, mme ba tla o tlohela o le feela, o hlobotse; ka mokgwa o jwalo, bofeela ba bootswa ba hao le ho boka ha hao le bohlola ba hao ba tla apolwa.


Ka baka leo, ke tla lla, ke bokolle; ke tla tsamaya ke hlobotse, ke le feela; ke tla lla jwaloka diphokojwe, ke rore jwaloka dimpshe.


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla o apola, kobo ya hao ke e busetse sefahlehong sa hao, ke tle ke bontshe ditjhaba bofeela ba hao, ke bontshe le mebuso dihlong tsa hao;


Le tla baleha ka kgohlo ya dithaba tsa ka, hobane kgohlo ya dithaba tseo e tla fihla Atsele; le balehe jwaloka mohla le balehileng ka baka la tshisinyeho ya lefatshe, mehleng ya Osiase, morena wa Juda. Mme Jehova, Modimo wa ka, o tla tla, a ena le bahalaledi kaofela!


Tsenane, Hadasha, Migdale-Gade;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos