Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 8:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le na le mahlo, ha le bone keng? Le na le ditsebe, ha le utlwe keng? Ha le elellwe keng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Le na le mahlo; na ha le bone? Le na le ditsebe; na ha le utlwe? Na ha le sa hopola

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Le na le mahlo, na ha le bone na? mme le na le ditsebe, ha le utlwe na? mme ha le hopole na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Le na le mahlo, na ha le bone na? mme le na le ditsebe, ha le utlwe na? mme ha le hopole na?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:18
15 Referencias Cruzadas  

Mahlo a bona a ke a ntshofale, a lese ho bona; matheka a bona a ke a kgwehle kamehla!


Ba hlokile tsebo le kelello, hobane ba netilwe mahlo, hore ba se ke ba bona; le dipelo, hore ba se ke ba utlwisisa ka tsona.


Mamela hle, setjhaba se sethoto, se se nang kelello, se nang le mahlo, empa ha se bone, se nang le ditsebe, empa ha se utlwe.


Mora motho, o ahile hara ntlo ya bahanyetsi, etswe ba ena le mahlo a ho bona, ba mpa ba sa bone, mme ba na le ditsebe tsa ho utlwa, ba mpa ba sa utlwe; efela ke ntlo ya bahanyetsi.


e le hore, ha ba bona, ba bone, mme ba se ke ba bontshisa; leha ba utlwa, ba utlwe, ba mpe ba se ke ba utlwisisa; esere mohlomong, ba sokoloha, mme ba tshwarelwa dibe.


O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Modimo o ba neile moya wa bolokwana, le mahlo ao ba sa tlo bona ka wona, le ditsebe tseo ba sa tlo utlwa ka tsona, ho fihlela letsatsi la kajeno.


Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


Ana ha le hopole hobane, enere ha ke sa na le lona, nkile ka le bolella taba tseo na?


Ke ka baka leo nke keng ka lesa ho le hopotsa taba tseo kamehla, leha le se le rutehile, mme le tiile nneteng eo e seng e le ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos