Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 8:18 - BIBELE

18 Le na le mahlo; na ha le bone? Le na le ditsebe; na ha le utlwe? Na ha le sa hopola

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le na le mahlo, ha le bone keng? Le na le ditsebe, ha le utlwe keng? Ha le elellwe keng?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

18 Le na le mahlo, na ha le bone na? mme le na le ditsebe, ha le utlwe na? mme ha le hopole na?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Le na le mahlo, na ha le bone na? mme le na le ditsebe, ha le utlwe na? mme ha le hopole na?

Ver Capítulo Copiar




Mareka 8:18
15 Referencias Cruzadas  

Eka dijo tsa bona di ka ba fetohela leraba, mekete ya bona ya mahlabelo ya ba fetohela letlowa.


Medingwana ha e na tsebo, ha e na kutlwisiso, mahlo a yona a netilwe, ha e bone letho, kelello di kwalehile, ha e utlwisise letho.


Mamelang tsena, lona tjhaba se sethoto, lona tjhaba se se nang kutlwisiso, tjhaba se nang le mahlo empa se sa bone, tjhaba se nang le ditsebe empa se sa utlwe:


“Wena ngwana motho, o phela hara setjhaba sa bafetohedi, se nang le mahlo empa se sa bone, se nang le ditsebe empa se sa utlwe, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.


e le hore ba tle “ ‘ba tadimisie, empa ba sitwe ho bona, ba mamedisise, empa ba sitwe ho utlwa, esere ba tshoha ba baka, mme ba tshwarelwa.’ ”


“O foufaditse mahlo a bona, a thatafatsa dipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha, mme ka ba fodisa.”


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Modimo o ba neile moya o se nang kutlwisiso, mahlo a sa boneng, le ditsebe tse sa utlweng, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”


Empa ho fihlela le kajeno Morena ha a eso le nee dikelello tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


Na le sa hopola hore tseo tsohle ke ile ka le bolella tsona ke sa na le lona?


Ke ka baka lena, ke ikemiseditseng ho le hopotsa dintho tsena kamehla, le hoja le di tseba, le bile le tiisitswe nneteng eo le seng le ena le yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos