Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mareka 10:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Eo a mpa a hlajwa ke polelo eo, a ikela a swabile; hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Mohlankana a kgathala matla ke polelo eo, a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mme a swaba ke polelo eo, mme a tloha a swabile, hobane o ne a na le maruo a maholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme a swaba ke polelo eo, mme a tloha a swabile, hobane o ne a na le maruo a maholo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 10:22
20 Referencias Cruzadas  

Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Haele ya e amohetseng hara meutlwa, ke ya utlwang lentswe; empa ho belaella dintho tsa lefatshe lena, le ho thetsa ha lefumo, ho pupetsa lentswe, mme le nyope.


Empa mohlankana, ha a utlwa polelo eo, a ikela a swabile haholo, hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.


Jwale, Judase ya mo ekileng, ha a bona hoba Jesu o tswilwe, a inyatsa; a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo le ho baholo;


Jesu ha a mo shadima, a mo rata, mme a re ho yena: O hloka ntho e le nngwe: Tsamaya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o di fe bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele o ipelesitse sefapano.


Jesu a qamaka, a re ho barutuwa ba hae: Ho ya ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!


hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.


Morena a swaba haholo, a mpa a tshaba ho hana ho yena ka baka la kano ya hae le la ba dutseng dijong le yena.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Empa eo, hoba a utlwe taba tseo, a swaba haholo; hobane a ne a ruile haholo.


Hobane ho swaba ka mokgwa o ratwang ke Modimo ho hlahisa pako e pholosang, e sa bakelweng; empa ho swaba ka mokgwa wa lefatshe ho hlahisa lefu.


Hobane le a tseba hore mofebi, leha a le mong, le ya ditshila, le ya ratang leruo, e leng motho ya sebeletsang medimo ya bohata, ha ba na kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos