Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 10:22 - BIBELE

22 Mohlankana a kgathala matla ke polelo eo, a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Eo a mpa a hlajwa ke polelo eo, a ikela a swabile; hobane e ne e le ya nang le maruo a maholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Mme a swaba ke polelo eo, mme a tloha a swabile, hobane o ne a na le maruo a maholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Mme a swaba ke polelo eo, mme a tloha a swabile, hobane o ne a na le maruo a maholo.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 10:22
20 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.


Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.


Empa mohlankana ha a utlwa polelo ena a tsamaya a swabile, hobane o ne a ruile haholo.


Yare ha Judase, ya ekileng Jesu, a bona hore o se a ahloletswe lefu, a ikwahlaya, a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo, le baholo,


Jesu a mo tadima, mme a mo rata, a re ho yena: “O haellwa ke ntho e le nngwe: Eya, o rekise tsohle tseo o nang le tsona, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele!”


Jesu a qamaka, mme a re ho barutuwa ba hae: “Ho tla ba thata hakaakang hore ba nang le maruo ba kene Mmusong wa Modimo!”


Heroda o ne a tshaba Johanne ka ho tsebe hore ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo sireletsa. Ha a mo utlwa o ne a tsieleha haholo, le hoja a ne a thabela ho mo utlwa.


Kgosi ya swaba haholo, empa ka baka la kano ya yona, le ka baka la ba leng dijong, ya tshaba ho mo hanela.


A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”


Empa ha a utlwa tsena, a swaba haholo, hobane o ne a ruile haholo.


Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.


Tsebang hore bohle bao e leng dihlola, kapa ba ditshila, kapa ba meharo, hobane meharo ke ho sebeletsa modimo wa bohata, ha ba na ho ja lefa Mmusong wa Kreste le wa Modimo.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos