Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwale he, rapelang sefahleho sa Modimo, hore o re hauhele! Taba eo ha e entswe ke lona, na o tla le hlokomela na? Ho botsa Jehova wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Jwale lona le re: ‘A re ipiletseng ho Morena hore a re hauhele.’ Na a ka le amohela ka dinyehelo tse jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 1:9
15 Referencias Cruzadas  

Baprista le Balevi ba ema, mme ba hlohonolofatsa setjhaba; mantswe a bona a utluwa, mme merapelo ya bona ya fihla bodulong bo kgethehileng ba Jehova mahodimong.


Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?


Ana Esekiase, morena wa Juda, le Juda kaofela, ba kile ba mmolaya na? Na ha a ka a tshaba Jehova, a ikwahlaya pela Jehova, Jehova a ba a bakela bobe boo a neng a bo boletse bakeng sa bona na? Haele rona, re be re tla etsetsa meya ya rona bobe bo bokakang!


Ekare ha e le baporofeta, mme lentswe la Jehova le le teng ho bona, ba ke ba rapele Jehova wa makgotla, hore mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema a se ke a nkelwa Babilona.


Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.


Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo.


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.


Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.


Hobane Modimo ha o ye ka tshobotsi ya motho.


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos