Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Malakia 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela.

Ver Capítulo Copiar




Malakia 1:10
21 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa morena Joase, baprista ba ne ba eso ho lokise dikgeo tsa ntlo.


Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.


Ho itswe ke Jehova ho setjhaba sena: Ba rata ho phaila, ha ba kganne maoto a bona, ke moo Jehova a sa kgahlisweng ke bona, mme jwale o tla hopola makgopo a bona, a kgalemele dibe tsa bona.


Leha ba ka itima dijo, nke ke ka utlwa mehoweletso ya bona; leha ba ka hlahisa ditjheso leha e le dinyehelo, nke ke ka kgahliswa ke tsona; ke mpa ke tla ba fedisa ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu.


Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.


Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.


Ka baka leo, ke tla nea ba bang basadi ba bona, bahapi ba nke masimo a bona, hobane bohle ba hlile ba ineela takatso ya ho rua, e monyenyane le e moholo, moporofeta le moprista; e mong le e mong o etsa bohata.


Ka dinku tsa bona le ka makgomo a bona ba tla Jehova, empa ba ke ke ba mo fumana: o ba furaletse.


Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!


Mme le re: A ntho e kgathatsang! le bile le tshwela hodima yona, ho bolela Jehova wa makgotla; le tlisa se utswitsweng, le se hlotsang, le se kulang, le etsa sehlabelo ka tsona! Na ke tla se amohela matsohong a lona? ho botsa Jehova.


Tlung ya motho ya etsang jwalo, Jehova o tla kgaola ditenteng tsa Jakobo ya fadimehang, le ya arabang, le ya hlahisang sehlabelo ho Jehova wa makgotla.


Hape, ke ena ya bobedi eo le e etsang: le tlatsa aletare ya Jehova ka meokgo, ka dillo, le ka mefehelo, o bile ha a sa hlokomela sehlabelo sa lona le ho kgahlwa ke se tswang matsohong a lona.


Empa ya ruilweng, eo e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae ka sebele, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, o a baleha; mme phiri e tshwara dinku, e a di hasanya.


Na ha le tsebe hobane ba sebetsang tse halalelang ba jela ho tsa tempele? Le ba sebetsang aletareng ha ba jele aletareng na?


Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.


Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos