Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Mme bonang, mosadi wa motse, eo e neng e le moetsadibe, yare ha a utlwa hobane o dutse dijong tlung ya mofarisi, a tlisa pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a tseba hore Jesu o dijong ka tlung ha Mofarisi eo, a tlisa pitsana e tshetsweng setlolo,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

37 Mme, bonang, mosadi e mong wa motse, eo e neng e le moetsadibe, ha a utlwa hore Jesu o dutse dijong tlung ya Mofarisi, a tlisa lenaka la alabastera la setlolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Mme, bonang, mosadi e mong wa motse, eo e neng e le moetsadibe, ha a utlwa hore Jesu o dutse dijong tlung ya Mofarisi, a tlisa lenaka la alabastera la setlolo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:37
18 Referencias Cruzadas  

Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.


Molekgetho yena a ema hole, a tshaba le ho lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a mpa a iteta sefuba, a re: Modimo, nkgauhele, nna ke leng moetsadibe.


Bohle, ha ba bona hoo, ba seba, ba re: O fapohetse ha monna wa moetsadibe.


Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?


Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.


Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.


Mofarisi e mong a mo rapela hore a tle ho ja le yena, mme Jesu a kena ka tlung ya mofarisi, a dula dijong.


Maria ke yena ya neng a tlotsitse Morena ka setlolo, a mo hlakola maoto ka moriri wa hae; Lasaro ya kulang e ne e le kgaitsedi ya hae.


Ba boela ba bitsa la bobedi motho ya neng a foufetse, ba re ho yena: Nea Modimo thoriso; rona re a tseba hobane motho eo ke moetsadibe.


Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.


Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


a ntse a tseba hoba molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo le ba hanang ho utlwa, le ba hanang ditaba tsa Modimo, le baetsadibe, le dihlola, le banyefodi, le ba bolayang bontata bona, le ba bolayang bomma bona, le ba bolayang batho,


Mme ha esita ya lokileng a phela ka thata, eo e leng monyefodi le moetsadibe yena o tla leba kae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos