Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 7:37 - BIBELE

37 Ho ne ho ena le mosadi wa moetsadibe motseng oo. Ha a tseba hore Jesu o dijong ka tlung ha Mofarisi eo, a tlisa pitsana e tshetsweng setlolo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Mme bonang, mosadi wa motse, eo e neng e le moetsadibe, yare ha a utlwa hobane o dutse dijong tlung ya mofarisi, a tlisa pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

37 Mme, bonang, mosadi e mong wa motse, eo e neng e le moetsadibe, ha a utlwa hore Jesu o dutse dijong tlung ya Mofarisi, a tlisa lenaka la alabastera la setlolo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Mme, bonang, mosadi e mong wa motse, eo e neng e le moetsadibe, ha a utlwa hore Jesu o dutse dijong tlung ya Mofarisi, a tlisa lenaka la alabastera la setlolo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:37
18 Referencias Cruzadas  

“Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.


“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’


Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.”


Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”


Ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa baetsadibe.”


Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’


E mong wa Bafarisi a memela Jesu ho ja le yena; a kena ka tlung ha Mofarisi eo, a dula, a ja.


E ne e le Maria ya neng a tlotse Morena ka setlolo, mme a hlakola maoto a hae ka moriri wa hae, eo kgaitsedi ya hae, Lasaro, a neng a kula.


Motho ya neng a foufetse a bitswa ke Bafarisi kgetlo la bobedi; ba re ho yena: “Bua nnete ya Modimo; re a tseba hore motho eno ke moetsadibe.”


Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.


empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.


Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.


Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho,


“Haesita le ya lokileng a pholoha ka thata, monyefodi le moetsadibe ba tla fella kae?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos