Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Empa Mosamaria e mong, wa moeti, ha a etla moo a leng teng, yare ha a mmona, a mo utlwela bohloko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 Empa Mosamaria e mong, ya neng a eta, a fihla teng; ha a mmona a mo utlwela bohloko,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Empa Mosamaria e mong ya neng a eta, a fihla moo a neng a le teng, mme ha a mmona, a mo utlwela bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Empa Mosamaria e mong ya neng a eta, a fihla moo a neng a le teng, mme ha a mmona, a mo utlwela bohloko.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:33
14 Referencias Cruzadas  

O tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng, o lebale le ditlolo tsohle tseo ba o sitetsweng ka tsona; o ba fumantshe mohau ho ba ba isitseng kgolehong, hore ba ba utlwele bohloko.


Yaba o a se kwaholla, a bona ngwana, a fihlela e le ngwana wa moshanyana a ntse a lla, mme a mo qenehela, a re: Ke ngwana e mong wa Baheberu.


O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.


Jesu a roma ba leshome le metso e mmedi bao, a ba laela, a re: Le se ke la ya ho baditjhaba, mme le se ke la kena motseng ofe kapa ofe wa Basamaria;


Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalokaha ke ne ke o hauhetse le wena na?


Ka mokgwa o jwalo le Molevi a fihla moo, mme ha a mmona, a mo kwekwetla.


A atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine; mme a mmea peleseng ya hae eo a e kaletseng, a mo isa tlung ya baeti, a mo okela teng.


Eitse ha Morena a mmona, a mo utlwela bohloko, a ba a re ho yena: Se lle.


Mosadi eo wa Samaria a re ho yena: Ere o le Mojuda, o qela jwang metsi ho nna, ke le mosadi wa Samaria? Athe Bajuda ha ba kopane le Basamaria.


Yaba Bajuda ba araba, ba re ho yena: Na ha re bue hantle, ha re re: O Mosamaria, mme o na le motemona na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos