Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 10:33 - BIBELE

33 Empa Mosamaria e mong, ya neng a eta, a fihla teng; ha a mmona a mo utlwela bohloko,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Empa Mosamaria e mong, wa moeti, ha a etla moo a leng teng, yare ha a mmona, a mo utlwela bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

33 Empa Mosamaria e mong ya neng a eta, a fihla moo a neng a le teng, mme ha a mmona, a mo utlwela bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

33 Empa Mosamaria e mong ya neng a eta, a fihla moo a neng a le teng, mme ha a mmona, a mo utlwela bohloko.

Ver Capítulo Copiar




Luka 10:33
14 Referencias Cruzadas  

Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele.


Ha a se kwaholla, a bona ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo hauhela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.”


Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole.


Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria;


Na e ne e se tshwanelo hore le wena o hauhele molekane wa hao, jwalokaha le nna ke ile ka o hauhela?’


Ka mokgwa ona oo le Molevi a fihla sebakeng seo, ha a mmona a mo kwekwetla.


a atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tshela ka ole le ka veine, a nto mo palamisa pelesa ya hae, a mo isa tlung ya baeti, mme a mo oka.


Yare ha Morena a bona mma mofu, a mo utlwela bohloko, mme a re ho yena: “Se lle!”


Mosadi wa Mosamaria a re ho yena: “O ka nkopa ho nwa jwang o le Mojuda, nna ke le mosadi wa Mosamaria?” Bajuda ha ba na taba le Basamaria.


Bajuda ba mo araba, ba re: “Na ha re nepe ha re re, o Mosamaria, mme o na le modemona?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos