Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Hobane mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele, ke nka sefuba se tlang ho tsokotswa, le letsoho le tlang ho hlahiswa ka kemiso, mme ke di nea moprista Aarone le bara ba hae ka taelo ya kamehla, e tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:34
12 Referencias Cruzadas  

O tla nka sefuba sa pheleu ya peo ya Aarone, mme o tla se tsokotsa pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang; etlaba seabo sa hao.


o ntoo tlama Aarone le bara ba hae ka dinyepa, o ba rwese dikatiba; boprista e tla ba ba bona ka taelo ya kamehla, mme o kgethe Aarone le bara ba hae jwalo.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


Hara bara ba Aarone, ya tlang ho hlahisa ho Jehova madi le mafura a sehlabelo sa teboho, letsoho le letona e tla ba kabelo ya hae.


Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.


moprista o tla di tsokotsa jwaloka nyehelo e tsokotswang pela Jehova: ke ntho e kgethehileng ya moprista hammoho le sefuba se tsokotswang le letsoho le emisitsweng. Kamora tseo, monasari a ka nwa veine.


Aarone o tla hlahisa Balevi ka lebitso la bana ba Iseraele, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova, hore ba tle ba etse tshebetso ya Jehova.


Tseo baprista ba tla ba le tokelo ya ho di nka ho ba hlahisetsang Modimo sehlabelo, ke tsena: leha e ka ba kgomo, kapa nku, ho newe moprista letsoho, le dihlaya, le mohodu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos