Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 7:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Ke yona tokelo ya Aarone, le ya bara ba hae, eo ba e neilweng ka ho tlotsuwa ha bona, mahlabelong a tjhesetswang Jehova, ho qala ka letsatsi leo ba hlahiswang ka lona hore ba sebetse mosebetsi wa Jehova wa boprista.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 Sena ke seabo sa Arone le bara ba hae, se tswang dinyehelong tsa setjheso sa Morena, seo ba se abetsweng ho tloha mohla ba halaletswang hore e be baprista ba Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:35
15 Referencias Cruzadas  

O atametse Aarone, moholwane wa hao, pela hao, a tle le bara ba hae, ba kgethwe ho bana ba Iseraele, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka: e be Aarone, le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Ithamare, bara ba Aarone.


Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:


O ntoo nka madi a aletareng, le ole ya setlolo; o fafatse Aarone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona, hammoho le yena; etlaba o kgethehile, yena le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bona.


O tla nka ole ya setlolo, o e tshollele hloohong ya hae, mme o mo tlotse jwalo.


Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Moshe a nka ole ya tlolo, le madi a neng a le aletareng, a foka Aarone le diaparo tsa hae ka wona, hammoho le bara ba hae, le diaparo tsa bona; a kgetha jwalo Aarone le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bara ba hae.


Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.


Mme ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo;


Haele lona, le amohetse tlholo ho Ya halalelang, mme le tseba tsohle.


Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.


ka ba ka mo kgetha melokong yohle ya Iseraele, hore e be moprista wa ka, ya hlabang aletareng ya ka, le ho tjhesa dibano, le ho apara efoda pela ka; mme ka nea ntlo ya ntatao ditjheso tsohle tsa bana ba Iseraele na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios