Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Molao wa sehlabelo sa molato ke wona ona: ke ntho e halalelang haholo: Ho tla hlajwa sehlabelo sa molato nqalong eo setjheso se hlabelwang teng, mme madi a sona a tla tshelwa aletareng ka nqa tsohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “ ‘Ona ke molao wa nyehelo ya tefelo ya melato. E halalela ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:1
17 Referencias Cruzadas  

Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.


Hape, mathuleng a monyako, ho ne ho na le tafole tse pedi ka kwano, le tafole tse pedi ka kwana, ho hlabela ho tsona ditjheso le mahlabelo a sebe le a melato.


Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.


A re ho nna: Ke ena nqalo moo baprista ba tla pheha nama ya mahlabelo a molato le a sebe; ba tla pheha dinyehelo, ba se ke ba di isa kantle lebaleng le kantle, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka tsona.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


O tla a tlisa ho moprista, ya tlang ho hlahisa pele leo e leng la sehlabelo sa sebe, mme o tla le tweba hlooho ka lenala ka nqa ka sekotlong, empa a se ke a le kgaolela ruri.


Se ke ke sa apehwa ka ditomoso. Ke ba neile sona e be kabelo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo; ke ntho e halalelang haholo, jwaloka sehlabelo sa sebe le sa molato.


Bolella Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa sehlabelo sa sebe ke wona ona: Sehlabelo sa sebe se tla hlajwa pela Jehova, nqalong eo setjheso se hlabelwang teng; ke ntho e halalelang haholo.


O tla boela a kgethele Jehova ditshiu tsa bonasari ba hae, mme o tla tlisa konyana e tona e lemo se le seng, e be sehlabelo sa molato; hobane matsatsi a fetileng a ke ke a balwa, hobane bonasari ba hae bo ile ba silafala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos