Levitike 6:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)30 Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo. Ver CapítuloBIBELE30 Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo.” Ver Capítulo |
Tse tlang ho ba tsa hao ho dintho tse kgethehileng haholo, kantle ho tse tlang ho tjheswa ka mollo, ke tsena: dikabelo tsohle tsa bona, le dinyehelo tsohle tsa bona, le mahlabelo wohle a sebe le a melato ao ba tla ntlhahisetsa wona; dintho tseo tse kgethehileng haholo e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao.