Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ho bara ba Aarone, eo ya tlang ho tlotsuwa ho nka sebaka sa hae le yena, o tla etsa nyehelo eo. Ke taelo ya kamehla ya Jehova, e tla tjheswa kaofela ha yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Mora wa Arone ya tla tlotswa hore e be moprista bakeng sa ntatae, le yena o tla nyehela jwalo. Nyehelo ena e tla tjhesetswa Morena kaofela. Ona ke molao wa mehla yohle.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:22
13 Referencias Cruzadas  

Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Baprista ba iphepa ka sebe sa setjhaba sa ka, le makgopo a sona ba a lapela.


Molao ona e tla ba wa kamehla melokong ya lona, kahohle moo le tla aha teng: Le se ke la ja mafura, leha e le madi.


E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.


O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.


E tla apehwa ka ole, paneng; o tla e tlisa e hadikilwe hantle; o tla e hlahisa e apehilwe jwaloka nyehelo e kumilweng, e be monko o monate ho Jehova.


Nyehelo e nngwe le e nngwe ya baprista e tla tjheswa kaofela ha yona; ha e na ho jewa.


Diteng tsa yona le ditlhako tsa yona tsa hlatsuwa ka metsi, mme pheleu kaofela Moshe a e tjhesa aletareng; ya eba setjheso le sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


[Yaba bana ba Iseraele ba tloha Beerothe-Bene-Jaakane, ba ya Mosera; ke moo Aarone a shwetseng teng, a ba a patwa teng; mme Eleasare, mora wa hae, ya eba yena moprista tulong tsa hae.


Hape, haele baprista ba pele, ba nnile ba hlahlamana ba le bangata, kahobane lefu le ne le ba sitisa ho dula kamehla bopristeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos