Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 6:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 E tla apehwa ka ole, paneng; o tla e tlisa e hadikilwe hantle; o tla e hlahisa e apehilwe jwaloka nyehelo e kumilweng, e be monko o monate ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 E dujwe hantle ka ole, e phehwe ka pane, ebe e a tliswa. Ha e se e rathetswe, e tliswe e le nyehelo ya dijo, e monko o monate ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:21
8 Referencias Cruzadas  

le ho bona mahobe a pontsha, le lefi la phofo ya dinyehelo, le maqebekwane a se nang ditomoso, le tse phehwang paneng, le tse beswang, le ditekanyo tsa boholo le tsa bongata.


Matthithia, wa Balevi, letsibolo la Shallume wa Bakore, o ne a beilwe ho baballa mosebetsi wa maqebekwane a phehwang paneng.


Pitsa efe le efe ya letsopa eo ho welang ho hong ha tsona ho yona, e tla ba sesila, le tsohle tse ka teng di tla ba sesila le tsona, mme le tla thuha pitsa eo.


Pitsa e nngwe le e nngwe ya letsopa e amilweng ke monna eo, e tla thuhakanngwa; haeba ke morifi wa lehong, o tla hlatsuwa ka metsi.


Ha nyehelo ya hao e le ya tse apehwang paneng, a e ke e be ya lefi la phofo e sa lomoswang, e dubilweng ka ole.


Ho bara ba Aarone, eo ya tlang ho tlotsuwa ho nka sebaka sa hae le yena, o tla etsa nyehelo eo. Ke taelo ya kamehla ya Jehova, e tla tjheswa kaofela ha yona.


Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole.


Nyehelo e nngwe le e nngwe e apehilweng seboping, kapa e apehilweng pitseng, kapa paneng, e tla ba ya moprista ya e hlahisitseng; ke ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos