Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Molao wa nyehelo ke wona ona: Bara ba Aarone ba tla e hlahisa pela Jehova, pela aletare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “ ‘Ona ke molao wa nyehelo ya dijo. Bara ba Arone ba tla tlisa nyehelo ena kapele ho Morena, kapela aletare.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:14
12 Referencias Cruzadas  

Matthithia, wa Balevi, letsibolo la Shallume wa Bakore, o ne a beilwe ho baballa mosebetsi wa maqebekwane a phehwang paneng.


O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla roba nonyana pakeng tsa mapheo, empa a sa e kgaole kalehare, mme moprista o tla e tjhesa aletareng hodima patsi e beilweng mollong; ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.


Mollo o tla nne o tuke aletareng kamehla, mme o ke ke wa leswa wa tima.


Moprista o tla qotsa ho yona seatla sa lefi la phofo, le ole, le dibano kaofela tse nyehelong, mme o tla di tjhesa aletareng e le kgopotso, e le monko o monate ho Jehova.


motho ya hlahisetsang Jehova sehlabelo sa hae, o tla hlahisa nyehelo ya karolo ya leshome ya lefi la phofo le dubilweng ka karolo ya bone ya hine ya ole;


Bakeng sa pheleu, o tle o hlahise nyehelo ya dikarolo tse pedi tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka karolo ya boraro a hine ya ole;


ho tliswe, hammoho le pohwana, nyehelo ya dikarolo tse tharo tsa leshome tsa phofo e dubilweng ka ole e lekanang halofo ya hine;


Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos