O nke pohwana le dipheleu tse pedi tse hlokang sekodi, le bohobe bo sa lomoswang, le dinkgwana tse se nang ditomoso, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso, a tlotsitwseng ka ole; o tle o di etse ka phofo e sefilweng ya koro;
o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.
Lefika la hae le tla baleha ke ho tshoha, mahosana a hae a balehele hole ke ho tshaba folaga ya Jehova; ho bolela Jehova eo mollo wa hae o leng Sione, le sebopi sa hae se leng Jerusalema.
haele kamore e tadimileng nqa leboya ke ya baprista ba lebelang dintho tsa aletare. Ke bara ba Tsadoke, e leng bao hara bara ba Levi ba atamelang Jehova ho etsa tshebeletso ya hae.
Mollo wa aletare o tla nne o tuke ho yona, o se ke wa tima. Ka hosasa ho hong le ho hong, moprista o tla besa patsi hodima yona, a lokise setjheso hodima mollo, a ntoo tjhesa mafura a mahlabelo a teboho.
Ha tswa mollo pontsheng ya Jehova, wa tjhesa setjheso le mafura aletareng; setjhaba kaofela sa ba sa bona, mme batho ba tshela mehoo ya thabo, ba wela fatshe ka difahleho.