Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:11
14 Referencias Cruzadas  

Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.


Leha ba tswela lebaleng le kantle, ke re lebaleng le kantle la setjhaba, ba tla hlobola diaparo tsa bona tseo ba sebetsang ka tsona, ba di bee dikamoreng tse halalelang, ba apare meaparo esele, hore ba se ke ba halaletsa setjhaba ka meaparo ya bona.


Pohwana ya sehlabelo sa sebe, le phooko ya sehlabelo sa sebe, tseo madi a tsona a isitsweng sehalalelong ho ba pheko, di tla thothelwa kantle ho diahelo, mme matlalo, le dinama, le meswang ya tsona di tla tjheswa ka mollo.


E tla ba a Aarone le a bara ba hae, ba tlang ho a ja nqalong e halalelang, hobane ho bona e tla ba ntho e halalelang haholo, ke karolo ya dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Ke molao o sa feleng.


ke re, poho kaofela, e tla hulelwa kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng, thotobolong ya melora, mme o tla e tjhesa ka patsi feela; e tla tjheseletswa thotobolong ya melora.


Poho e tla thothelwa kantle ho diahelo, mme e tla tjheswa, jwalokaha ho tjhesitswe poho ya pele: ke sona sehlabelo sa sebe sa phutheho.


Moprista o tla apara kojwana ya hae ya lene; o tla apesa bofeela ba hae ka borikgwana ba lene, a ole molora wa setjheso se tjhesitsweng ka mollo aletareng, mme a o bee kathoko ho aletare.


Mollo wa aletare o tla nne o tuke ho yona, o se ke wa tima. Ka hosasa ho hong le ho hong, moprista o tla besa patsi hodima yona, a lokise setjheso hodima mollo, a ntoo tjhesa mafura a mahlabelo a teboho.


Nyehelo ya Aarone le bara ba hae eo ba tlang ho e hlahisetsa Jehova ka letsatsi leo ba tla tlotswa ka lona, ke yona ena: Karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo e be nyehelo ya bona ya kamehla, eo halofo ya yona e tla hlahiswa hosasa, mme halofo e nngwe mantsiboya.


Ho bara ba Aarone, eo ya tlang ho tlotsuwa ho nka sebaka sa hae le yena, o tla etsa nyehelo eo. Ke taelo ya kamehla ya Jehova, e tla tjheswa kaofela ha yona.


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang: se halalela haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos