Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 6:11 - BIBELE

11 Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:11
14 Referencias Cruzadas  

Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.”


Ha ba tswela lebaleng le kantle, moo setjhaba se leng hona teng, ba tla hlobola diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba sebeletsa, ba di siye ka dikamoreng tse halalelang, ba apare disele, e le hore ba se ke ba tlisetsa setjhaba bomadimabe ha se ka ama diaparo tseo tsa bona.


Pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le podi ya nyehelo e tlosang sebe, tseo madi a tsona a ileng a tliswa ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, di tla iswa kantle ho diahelo. Matlalo a tsona, le nama ya tsona, le moswang wa tsona, di tjheswe ka mollo.


Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae; ba tla bo jella sebakeng se halalelang, hobane bo halalela ka ho fetisisa ho yena, kaha bo tswa dinyehelong tsa setjheso tsa Morena, e le molao wa mehla yohle.”


ke ho re pohwana yohle, tsena tsohle o tla di nkela kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng, thotobolong, a di tjhesetse teng ka patsi, a di tjhesetse thotobolong.’ ”


O tla ntshetsa pohwana kantle ho diahelo, a e tjhese, jwalokaha a ile a tjhesa pohwana ya pele. Ke nyehelo e tlosang sebe, e etsetswang setjhaba.’ ”


Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare.


Mollo o hodima aletare o tla nne o fepelwe, o se ke wa tima. Hoseng ho hong le ho hong moprista o tla eketsa patsi mollong, a lokise sehlabelo sa setjheso hodima aletare, mme a tjhese mafura a mahlabelo a teboho.


“Ena ke nyehelo ya Arone le bara ba hae, eo ba tla nyehella Morena ka yona mohla Arone a tlotswang. E tla ba phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo ya mehla yohle. Hoseng e be halofo ya yona, mantsiboya e be halofo ya yona.


Mora wa Arone ya tla tlotswa hore e be moprista bakeng sa ntatae, le yena o tla nyehela jwalo. Nyehelo ena e tla tjhesetswa Morena kaofela. Ona ke molao wa mehla yohle.


E mong le e mong e motona wa baprista a ka ja nyehelo eo; a e jelle sebakeng se halalelang, hobane e halalela ka ho fetisisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos