Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.
O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe.
O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.
O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.
o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato ka baka le sebe seo a se entseng, e be sa ntho e tshehadi ya tse kgutshwane, kapa nku, kapa podi, e be sehlabelo sa sebe, hore moprista a mo etsetse pheko ya sebe sa hae.
Moprista a etse pheko bakeng sa phutheho yohle ya bana ba Iseraele, mme ba tla tshwarelwa; hobane ke sebe se entsweng ka ho se tsebe, mme ba tlisitse sehlabelo sa bona e le sehlabelo se etsetswang Jehova ka mollo, le sehlabelo sa sebe pela Jehova, bakeng sa sebe se entsweng ka ho se tsebe.
Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;
ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!