“ ‘Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.’ ”
Mafura wohle a yona o tla a tjhesetsa aletareng, jwalokaha a etsa ka mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla etsetsa kgosana tefelo ya sebe sa yona mme e tla tshwarelwa.’ ”
O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho, mme moprista a a tjhesetse aletareng e le sehlabelo se monko o monate, se amohelehang ho Morena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ka baka la sebe, mme motho eo o tla thwarelwa.
O tla tlosa mafura wohle a yona jwalokaha ho tloswa mafura a konyana ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme a a tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tse etsetswang Morena. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme motho eo o tla tshwarelwa.’ ”
O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae.
Moprista o tla etsetsa setjhaba sohle sa bana ba Iseraele tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa, hobane ba entse phoso, mme ba tlisitse nyehelo ya mollo ho Morena, le nyehelo e tlosang sebe, ka baka la phoso ya bona.
Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.
na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?