Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 27:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ke yona melao eo Jehova a e neileng bana ba Iseraele ka Moshe, thabeng ya Sinai.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:34
13 Referencias Cruzadas  

Ke tseo ditaelo, le dikahlolo, le melao eo Jehova a e beileng pakeng tsa hae le bana ba Iseraele, thabeng ya Sinai, ka Moshe.


oo Jehova a o laetseng Moshe, thabeng ya Sinai, ka letsatsi leo a laetseng bana ba Iseraele ho hlahisa dinyehelo tsa bona ho Jehova, feelleng la Sinai.


Ka selemo sa bobedi sa ho tloha ha bona lefatsheng la Egepeta, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, Jehova a bua le Moshe, lefeelleng la Sinai, ka tenteng ya pokano, a re:


Ke setjheso sa kamehla se nnileng sa hlahiswa thabeng ya Sinai; ke sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Ke bana bana ba Aarone le Moshe, mohla Jehova a buang le Moshe thabeng ya Sinai.


Ke tsona ditaelo le melao eo Jehova a e laetseng bana ba Iseraele ka Moshe, mahwatateng a Moabe, pela Jordane, mabapa le Jeriko.


Hobane molao o neilwe ka Moshe, mohau le nnete di hlahisitswe ka Jesu Kreste.


Ka selemo sa mashome a mane, ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome le motso o mong, Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a ba bolelle tsona.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


Ke tsena ditemoso, le melao, le ditaelo tseo Moshe a kileng a di bolella bana ba Iseraele, ha ba se ba tswile Egepeta,


Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, kamoo Jehova, Modimo wa ka, a ntaetseng kateng, hore le tle le etse ka tsona lefatsheng leo le yang ho le rua.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos