Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa ekare ha le sa nkutlwe, le sa phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “ ‘Empa haeba le ke ke la mmamela, la se ke la boloka melao ena yohle;

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:14
23 Referencias Cruzadas  

Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng.


Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.


Empa ha le ka mphuralla, la lahla dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka tseo ke le beetseng tsona, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela,


Ke moo ke ba tlohetseng boikgantshong ba pelo tsa bona, ba tle ba latele dikeletso tseo e leng tsa bona.


Thohako ya Jehova e ka tlung ya moetsadibe, empa o hlohonolofatsa ntlo ya ba lokileng.


Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka.


Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Ekare ha le sa nkutlwe, ka ho tsamaya melaong eo ke e beileng pela lona,


Ba porofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, mehleng ya kgale, ba nnile ba porofeta bakeng sa mafatshe a mangata le sa mebuso e meholo hore ntwa le tlala le lefu la sewa di tla ba teng.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Molaodi wa balebedi a nka Jeremia, a mmolella, a re: Jehova, Modimo wa hao, o ne o boletse bobe boo hodima nqalo eno.


Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.


Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.


Jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Moshe, bobe bona kaofela bo re hlahetse jwalo. Leha ho le jwalo, ha re a ka ra nolofatsa sefahleho sa Jehova, Modimo wa rona, ka ho baka makgopong a rona, le ka ho hlokomela nnete ya hao.


Ba re ba sa ya, ke tla tjheha leraba la ka kahodima bona, ke ba theole jwaloka nonyana e sebakeng, ke ba kgalemele kamoo ke tsebisitseng phutheho ya bona kateng.


Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, ke tla eketsa kotlo hasupa, ke tle ke le otle ka baka la dibe tsa lona.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


Mme e mong le e mong ya hanang ho utlwa moporofeta eo, o tla tloswa hara setjhaba.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


Ka baka lena, jwalokaha ntho tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a neng a le baletse tsona, di le hlahetse, ka mokgwa o jwalo, Jehova o tla le hlahisetsa le ntho tsohle tse mpe, a be a le timetse lefatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le fileng lona.


Hohle moo ba neng ba futuhela teng, letsoho la Jehova le ne le ba lwantsha, jwalokaha Jehova a ne a boletse, le jwalokaha Jehova a ne a ba anetse; mme ba eba tsietsing e kgolo.


Empa ha le hana ho utlwa lentswe la Jehova, ha le ikgantshetsa molomo wa Jehova, letsoho la Jehova le tla fetoha sera ho lona, jwalokaha le kile la iphetola sera ho bontata lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos