Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke ena mekete ya Jehova, le diphutheho tse halalelang tseo le tlang ho di mema nakong ya tsona:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “ ‘Ena ke mekete e beilweng ya Morena, e leng diphutheho tse halalelang, tseo le tla di phatlalatsa ka dinako tsa tsona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 23:4
9 Referencias Cruzadas  

le hore ba tshwanetse ho tumisa ka mokgosi le ka mangolo metseng yohle ya bona le Jerusalema taba e reng: Eyang thabeng, le late makala a mohlwaare o beang ole, le makala a mohlwaare wa naha, le makala a mirta, le makala a palema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, le tle le etse metlotlwane ka wona, kamoo ho ngodilweng kateng.


Letsatsi leo le tla nne le le hopole; le tle le le kgethele Jehova e be mokete; ebe mokete ka taelo e sa feleng, melokong ya lona.


O nketsetse mokete hararo ka selemo.


Ho madimabe wena, Ariele, Ariele, motse oo Davida a neng a hlomile tente ya hae teng! Eketsang selemo ka selemo, le mekete e ye e ntse e hlahlamana.


Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Mekete ya Jehova eo le tla e mema, e tla ba diphutheho tse halalelang. Ke ena mekete ya ka:


Le tla mema mokete ka tsatsi lona leo, le etse phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong. Ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ya ka wona, lona le ditloholo tsa lona meahong ya lona kaofela.


Ke yona eo mekete ya Jehova ya diphutheho tse halalelang, eo le tlang ho e mema, le tle le hlahisetse Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo, le ditjheso, le nyehelo, le mahlabelo, le ditshelo; ntho e nngwe le e nngwe e ke e etswe ka letsatsi le beetsweng yona.


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos