Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “ ‘Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke letsatsi le leholo la phomolo; ke la phutheho e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe; ke Sabatha sa Morena diahelong tsohle tsa lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 23:3
17 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.


Bonang, haele mona Jehova a le neile Sabatha, ke ka baka leo a le neang bohobe jwa matsatsi a mabedi ka tsatsi la botshelela; e mong le e mong a ke a dule ha hae, mme ho se ke ha eba le motho ya tswang ha hae ka tsatsi la bosupa.


Yaba moo setjhaba se phomolang ka tsatsi la bosupa.


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


O tla sebetsa matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka letsatsi la bosupa; o phomole jwalo ha ho lengwa, leha ho kotulwa.


Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!


Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.


Hobane haele Moshe, haesale le mehleng ya kgale, o na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa masinagogeng ka matsatsi wohle a Sabatha.


Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos