Levitike 21:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare. Ver CapítuloBIBELE5 “ ‘Baprista ba se ke ba beola moriri o hara hlooho tsa bona, ba se ke ba sekola ditedu tsa bona, leha e le ho iphatsa mmeleng. Ver Capítulo |
Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae: Le se ke la rola hloohong tsa lona, le se ke la hahola diaparo tsa lona, hore le tle le se ke la shwa, mme Jehova a tle a se ke a halefela phutheho kaofela; lesang banababo lona, ba ntlo ya Iseraele kaofela, ba lle hodima tjheso e kgolo e tukisitsweng ke Jehova.
Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.