Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 21:5 - BIBELE

5 “ ‘Baprista ba se ke ba beola moriri o hara hlooho tsa bona, ba se ke ba sekola ditedu tsa bona, leha e le ho iphatsa mmeleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 21:5
12 Referencias Cruzadas  

Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu.


Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.


“Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae.


Dihlooho kaofela di lekorana, ditedu kaofela ba di beotse, matsoho kaofela ba a phatsitse, matheka ba a tlamme ka tse mahwashe.


“ ‘Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, kapa ba hodisa moriri wa bona, ba mpe ba o fokotse feela.


“Wena ngwana motho, nka sabole e bohale, o e sebedise e le lehare, o ipeole hlooho le ditedu. O nke sekala, ebe o bea moriri wa hao hodima sona ka dihlopha tse tharo.


Moshe a re ho Arone, le ho bara ba hae Eleasare le Itamare: “Le se ke la hlantholla moriri wa lona, kapa la hahola diaparo tsa lona, esere la shwa, mme Morena a halefela phutheho yohle. Empa bana babo lona, le ba ntlo yohle ya Iseraele, bona ba ka llela ho tjheswa hona ho entsweng ke mollo o hoteditsweng ke Morena.


Empa moprista a se ke a itshilafatsa ka kgaitsedi ya hae e nyetsweng, hobane ka hona o tla be a itshilafatsa.


Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.


Beolang dihlooho, le di etse lekorana, le llele bana bao le ba ratang; le phumohe mafatla, le tshwane le tlake, hoba bana ba tla le siya, ba ye bothopuweng.


“Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos