Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Mang kapa mang ya se jang, o tla jara bokgopo ba hae, hobane o tla be a silafaditse ntho e halalelang ya Morena. Motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:8
7 Referencias Cruzadas  

Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.


Ha se ka jewa ka letsatsi la boraro, e tla ba ntho e sebodu, le sehlabelo se ke keng sa dumeleha.


Etlare ha le kotula masimo a naha ya lona, o se ke wa kotudisa lehlakore la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonakisa se ka salang tshimong.


Baprista ba se ke ba hlompholla dintho tse kgethehileng tsa bana ba Iseraele tseo ba di hlahisetsang Jehova ka tsokotso;


Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.


Empa motho ya ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Motho ya amileng ntho efe le efe e sa hlwekang, kapa sesila sa motho, kapa phoofolo e sa hlwekang, leha e le ntho e nngwe le e nngwe e manyala, e ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sefe le sefe sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos