Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha se ka jewa ka letsatsi la boraro, e tla ba ntho e sebodu, le sehlabelo se ke keng sa dumeleha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Haeba le ka se ja ka letsatsi la boraro, e se le manyala, se ke ke sa amoheleha.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:7
9 Referencias Cruzadas  

Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; dibano tsa lona ke manyala ho nna, le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le ya Disabatha, le ya dipitso tsa ho phutheha; diphutheho tsa lona tse mahlonoko tse hlokang borapedi di a nkgathatsa.


ba dulang mabitleng, mme ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ya dikolobe; ba tlatsang mekeke ya bona ka dijo tse manyala;


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


Pele, ke tla ba lefetsa bokgopo ba bona le sebe sa bona habedi, hobane ba hlile ba silafaditse lefatshe la ka, ba tlatsitse lefa la ka ka ditopo tsa mahlabelo a bona a ditshila le a manyala.


se tla jewa ka letsatsi la sehlabelo, leha e le ka le hlahlamang, mme ho ka salang ho isa tsatsing la boraro, ho tla tjheswa ka mollo.


Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


O ka etsa nyehelo ya boithatelo ka kgomo, kapa ka nku e nang le setho se selelele, kapa se sekhutshwanyane; empa ntho e jwalo e ke ke ya dumellwa hore ho tle ho phethwe kano ka yona.


Le se ke la amohela tse jwalo matsohong a baditjhaba ho etsa ka tsona sejo sa Modimo wa lona, hobane di holofetse, di na le dikodi; di ke ke tsa dumellwa ke hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos