Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 19:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hape, o se ke wa kgwahlapisa morara wa hao, mme o se ke wa thonaka ditholwana tse weleng merareng. O di tlohelle bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 O se ke wa kgwahlapisa tshimo ya hao ya morara, mme o se ke wa thonaka morara o wetseng fatshe; o o siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa hao.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:10
16 Referencias Cruzadas  

Ho sale ho thonakwa, jwaloka mohla ho hlohlorwang sefate sa mohlwaare, ha tholwana di sala di le pedi, kapa di le tharo makaleng a hodimo, di be nne, kapa di be hlano ntlheng tsa makala a sefate a behang: ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele.


Naheng eo, le hara ditjhaba, ditaba di tla ba jwaloka mohla ho kguwang ditlholwana tsa mehlwaare, le jwalokaha ho kgwahlapiswa ha ho se ho kotutswe merara.


Hoja ebe bakotudi ba merara ba kena ho wena, ha ke re, ba ne ba tla siya ho ka kgwahlapiswang na? Hoja ebe e le mashodu a bosiu, ha ke re, a ne a tla senya ka ho lekana feela?


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Le se ke la utswa, mme le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.


Ka selemo sa bohlano le tla itjella ditholwana tsa tsona, mme ya be esale le ikgella tsona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Etlare ha le kotula masimo a naha ya lona, o se ke wa kotudisa lehlakore la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonakisa se ka salang tshimong.


Etlare ha le kotula naheng ya lona, o se ke wa qetela ho kotula lehlakore le leng la tshimo ya hao, mme o se ke wa thonaka se ka kgwahlapiswang. O tla se tlohella bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Empa ditholwana tsa Sabatha ya masimo e tla ba dijo tsa lona, tsa hao le tsa mohlanka wa hao e motona, le tsa e motshehadi, le tsa lekgoba la hao, le tsa moditjhaba ya ikahetseng ha eno,


O senyeditswe hakakang! Hoja ke mashodu a keneng ha hao, hoja ke dinokwane, ha ke re, ba ka be ba utswitse tse ba lekanang feela? Hojane ba kotulang merara ba kene ha hao, ha ke re, ba ka be ba siile dikgwahlapiso?


Jo nna! ke jwaloka serapa, ha ho kotutswe ditholwana tsa sona, jwaloka tshimo ya merara e kgwahlapiswang, ha e kotutswe: ha ho sa le lesihla la morara le ka jewang, leha e le selopotsiya sa feiye se lakatswang ke moya wa ka!


Etlere ha o hela koro masimong a hao, ha o lebetse ngata e nngwe tshimong, o se ke wa kgutlela ho ya e nka; e ke e tlohellwe moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, hore Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofatse mesebetsing yohle ya matsoho a hao.


Etlere ha o hlohlorile mehlwaare ya hao, o se ke wa romela ho kgwahlapisa kamora hao; se setseng e be sa moditjhaba, le sa kgutsana, le sa mosadi wa mohlolohadi.


Leha o kotula merara ya hao, o se ke wa kgwahlapisa se setseng kamora hao, e be sa moditjhaba, le sa kgutsana, le sa mosadi wa mohlolohadi.


A re ho bona: Homme mosebetsi ke entse ofe o ka bapiswang le wa lona na? Ha ke re, ho kgwahlapisa ha Efraime ho fetisa kotulo ya merara ya Abiesere na?


Ruthe wa Moabe a re ho Naomi: Ntumelle hle, ke ye masimong, ke thonake diqwapi ke setse ba ka nkgauhelang morao. Naomi a re ho yena: O ka ya, moradi wa ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos