Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 19:10 - BIBELE

10 O se ke wa kgwahlapisa tshimo ya hao ya morara, mme o se ke wa thonaka morara o wetseng fatshe; o o siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hape, o se ke wa kgwahlapisa morara wa hao, mme o se ke wa thonaka ditholwana tse weleng merareng. O di tlohelle bafumanehi le moditjhaba. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:10
16 Referencias Cruzadas  

Empa tholwana tse ding tsona di tla sala, jwalokaha ho hlohlorwa sefate sa mohlwaare, ho salang tse pedi kapa tse tharo makaleng a hodimo, ho sale tse nne kapa tse hlano makaleng a behang,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele.


Ho tla ba jwalo lefatsheng, hara ditjhaba, ho be jwaloka fate sa mohlwaare ha se hlohlorwa, ho kgwahlapiswa morara o setseng ha ho kotulwa.


Haeba bakotudi ba morara ba ka tla ho lona, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso? Haeba mashodu a ka fihla e le bosiu, na a ke ke a utswa a itekanyetsa?


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


“ ‘Le se ke la utswa, le se ke la etsetsana bolotsana, kapa la bolellana mashano.


Empa ka selemo sa bohlano le ka ja ditholwana tsa sefate seo, hore se tle se le behele ditholwana tse ngata. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng.


“ ‘Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng. Le siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Empa matshwabodi a tla mela ka selemo sa phomolo e tla ba dijo tsa hao, le tsa mohlanka wa hao, le tsa lekgabunyane le hao, le tsa mohiruwa wa hao, le tsa moeti ya phelang tlung ya hao;


“Ha mashodu a ka o futuhela bosiu, dinokwane tsa o nanarela bosiu, leha tshenyehelo ya hao e tla ba kgolo, na a ke ke a utswa feela tseo a di hlokang? Ha bakotudi ba morara ba o kotulela, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


“Ha o hela koro ya hao tshimong ya hao, eba o lebala ngata hara tshimo, o se ke wa kgutlela hape ho ya e lata. E tla ba ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mosebetsing wohle oo o o etsang.


“Ha o hlohlora ditholwana tsa sefate sa mohlwaare, o se ke wa boela wa se pheta kgetlo la bobedi. Tse setseng e tla ba tsa mojaki, kapa tsa kgutsana, kapa tsa mohlolohadi.


“Ha o ekga morara serapeng sa hao sa morara, o se ke wa boela wa kgwahlapisa. O setseng e tla ba wa mojaki, kapa wa kgutsana, kapa wa mohlolohadi.


Gideone a re ho bona: “Seo ke se entseng hase letho ha se bapiswa le seo lona le se entseng. Na se senyenyane, seo ba morabe wa Efraime ba se entseng, ha se seholo ho feta seo ba morabe wa Abiesere ba se entseng?


Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios