Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 16:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla bea dibano hodima mollo pela Jehova, hore sesi sa dibano se aparele sekwahelo se kwahetseng bopaki, hore a se tlo shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Mokubetso ona a o tshele hodima mollo, kapele ho Morena, e le hore mosi wa mokubetso o tle o kwahele sekwahelo sa tefelo ya sebe, se hodima areka e kentseng matlapa a ngotsweng Molao, e le hore Arone a se ke a shwa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:13
16 Referencias Cruzadas  

O tla bea sekwahelo hodima areka, mme ka arekeng o bee bopaki boo ke tla o nea bona.


Aarone le bara ba hae ba ke ba a tene, ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela aletareng, ho phetha tshebeletso ya sehalalelo, ba tle ba se ke ba etsa molato, mme ba se ke ba eshwa; ke taelo e sa feleng, e neilweng yena le ditloholo tsa hae tse tla mo hlahlama.


O etse aletare ho tjhesetsa dibano teng, o e etse ka fate sa leoka.


Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Yaba monna e mong le e mong wa bona o nka pitsa ya hae, a kenya mollo ho yona, a o tshela ka dibano, mme ba ema monyako wa tente ya pokano hammoho le Moshe le Aarone.


Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.


le kenye mollo ho tsona, le tshele dibano ho tsona pela Jehova, hosasane, mme monna eo Jehova a tla mo kgetha e tla ba yena ya kgethilweng; ho lekane, bara ba Levi.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


empa ba se ke ba kena ho ya bona dintho tse kgethehileng leha e le ka motsotsonyana, esere ba eshwa.


Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos