Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 16:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O tla nka pitsana ya dibano e tletseng mashala a hlenneng a okgilweng aletareng pela Jehova, mme o tla ngwatha habedi dibano tse nkgang hamonate tse hlahlathilweng, mme o tla isa ntho tseo kamora lesira.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 O tla nka sekubetsa se tletseng mashala a hlenneng, se hodima aletare e kapele ho Morena. A ngwathe mokubetso o silehileng, o monko o monate, a o tlatse matsoho a hae, a o ise kamora lesira.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:12
13 Referencias Cruzadas  

le ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate tsa sehalalelo. Ba tla sebetsa tsohle tseo ke o laetseng tsona.


Hape, ha etswa ole ya setlolo e kgethehileng, le dibano tse hlwekileng tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate.


Nadabe le Abihu, bara ba Aarone, ba nka e mong le e mong pitsana ya ho tjhesa dibano, ba okga mollo ka tsona, ba ntoo di tshela ka dibano, mme ba hlahisa pela Jehova mollo osele, e le seo a sa kang a ba laela sona.


Yaba monna e mong le e mong wa bona o nka pitsa ya hae, a kenya mollo ho yona, a o tshela ka dibano, mme ba ema monyako wa tente ya pokano hammoho le Moshe le Aarone.


Moshe a re ho Aarone: Nka pitsa ya dibano, o kenye ho yona mollo o tswang aletareng, o e tshele le dibano, o ye ho phutheho kapele, o e etsetse pheko; hobane kgalefo e tswile ho Jehova, lefu le se le qalehile.


Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


Mme lengeloi la nka pitsa ya ho tjhesa dibano, mme la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e akgela lefatsheng; ha ba ha hlaha mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos